Maele a mangata a thehiloe holima bophelo ba liphoofolo 'me a ka pepesa mekhoa, phelisano, boits'oaro le lits'obotsi tsa tsona 'me tsa bapisoa le bophelo ba batho
2. THUTU EA MAELE
Ka lebaka la ho ithuta bophelo ba liphoofolo ba letsatsi le
letsatsi, Mosotho kapa Basotho ba bangata ba ile ba lemoha
hore boits’oaro ba liphoofolo boa fapana ho latela boleng ba
tsona le tikoloho eo li phelang ho eona; ka hona ba etsa
papiso ea bophelo ba batho le ba liphoofolo ka ho sebelisa
puo e poteletseng, e hlokang kutloisiso e tebileng. Maele a
mangata a thehiloe holim’a bophelo ba liphoofolo ‘me a ka
pepesa mekhoa, phelisano, boits’oaro le lits’obotsi tsa tsona
‘me tsena tsa bapisoa le bophelo ba batho.
3. MAELE KA LIPHOOFOLO TSE HLAHA
TAU
Tau tsa hlaka le le leng lia tsebana-
---- Ba mekhoa e ts’oanang ba ea
‘moho.
O ba kenetse mohohoroaneng ea
tau----- O ba hlahile ka bobeng.
4. PHIRI
U se chehe phiri ka ‘na----- U se
qobe tsietsi e tlang e u lebile ka ho
its’ereletsa ka ‘na.
Phiri e jeoa moreneng----- Tse
bohlokoa li reroa moreneng.
5. PHOKOJOE
Phokojoe ea mofutsana e fetoha
tlakaro----- Mofutsana o ronoa ke
lintho tsa barui kapa tsa marena/ Ha
hoa lebelloa hore mofutsana a be le
tse ntle.
6. ‘MUTLA
O robalitse ‘mutla----- O
ikhakantse.
‘Mutla o fula mots’eare-----
Bahlorisi ba sa le sieo, ke boiketlo
ho ba hlorisoang.
7. PELA
O teane le pela li falla----- O
hlahetsoe ke mohlolohali oa taba/
seo a sa se lebellang.
Pela ho phela e itebelang----- Ea
bohlale o itlhokomela ho tse ka
mo kenyang kotsing/ khathatsong.
8. TLOU
Taba li hlabile tlou----- Litaba li
mpe, ha ho ts’oane le mehla.
Tlou ha e hloloe ke moroalo-----
Mosebetsi o tlammeng mong’a oona
leha o le boima o ts’oanela o
phethoe.
9. TS’EPHE
Ts’ephe ea se-isa none-----
Moqapi oa morero eo e ha ho
phethahatsoa se reriloeng e be oa
koeneha hore ba bang ba kene
khathatsong/ tsietsing.
Taba li naka tsa ts’ephe-----
Boemo ba litaba ha bo botle, ho
hobe haholo. Ho kanna ha loanoa
haufinyane.