Good Stuff Happens in 1:1 Meetings: Why you need them and how to do them well
LIKHOELI TSA SELEMO KA SESOTHO KA PALESA MASOPHA.pptx
1. Lebitso laka ke Palesa Jeminah Masopha.
Ke moithuti sekolong se seholo sa koetliso ea litichere Thaba-Tseka.
Ke fumaneha mona:Email: palesamasopha@gmail.com
Facebook: Palesa Masopha.
Sets’oants’o saka ke se latelang:
3. SELELEKELA
Selemo sa Basotho se qaloa ka Phato. Ba ne ba se tsamaisa joalo holima qalo ea ho
lema ha bona, le holima qaleho ea ho hakolisa likhomo tsa bona joang bo botala bo
bocha , esita le ka mofuthumala o seng o qalile le oona.’Me leha e le khoeli ea marole
a mangata, ke moea feela o hlokang serame; serame eba se se se boetse
metsing(leqhoa).
4. PHATO
Khoeli e qalang selemo sa Basotho ke Phato.
E bitsoa PULULA MALIBA, ka lebaka la marole a mangata a hlahang ka eona.
Khoeli ea ho lema; khomo li qala ho hakola.
5. LOETSE
Khoeli ea bobeli ke Loetse.E bitsoa, ‘Ra-se-tla-ka-Loetse, se-nts’a-mafi; o bona ha
‘malihlofa a lusa.’Ha ho thoe ke Se-nt’sa-mafi, likhomo li qala ho sisa. Ka Loetse ho
futhumala ho fetisa ka Phato.
6. MPHALANE
Khoeli ea boraro ke Mphalane. Ho bonoa liphalana tsa leshoma; ka eona ke leroleng le
leholo la ho lema lipoone le mabele. Khoeli ea lebese le lengata ho likhomo. Ke
Ts’oets’oana: ho suptjoa manamane a lits’epe a tsoaloang ka eona khoeli ena.
7. PULUNGOANA
Khoeli ea bone ke Pulungoana. Ho suptjoa manamane a lipulumo a tsoaloang ka eona
khoeli ena, hammoho le tsona linone. Hape setlonono se qala ho lla ka eona, seo ba bang
ba beng ba re e se e le Ts’itoe.
8. TSI’ITOE
Khoeli ea bohlano ke Ts’itoe. Bokhabane ba lehlabula bo bonahala hantle ka khoeli ena. Moeti o
tsamaea a hlobotse, a jere kobo lehetleng. Khoeli eo batho ba basoeu ba e balang hore e qetella
selemo seo ba se qalang ka Pherekhong.
9. PHEREKHONG
Khoeli ea bots’elela ke Pherekhong. Ho thoe ke pelo-kholo. Ke ka eona mokopu o
bonahalang ka khahliso ’me ba pelo li telele ba hle ba lakatse ho o utsoa. Ke ka mokopu ha
ho thoe ke Tala-molebo (litsoala tsa mokopu). Le eona joaloka Ts’itoe; ke khoeli e ntle.
Lijalo li khahlisa mahlo a batho.
10. HLAKOLA
Khoeli ea bosupa ke Hlakola. Hlakola-molula: mabele a hlohloreha molula, ho hlaha lihlaku
.Lehoetla le leholo. Khoeli ea ho upa, ha linonyana li khathatsa bats’osi ka ho lobela mabele.
Ke e ‘ngoe ea nako tse ntle tsa lehlabula.
11. HLAKUBELE
Khoeli ea borobeli ke Hlakubele. Litlhaku tsa mabele lia bonahala, li tsoile moluleng;ke
tsona ka topo,li topile, li nonne,li rotohile moluleng, ‘me li khahla mahlo.Haoe ke ka eona
khoeli ena re jang lehoetla la poone le liperekisi.
12. ‘MESA
Khoeli ea borobong ke ‘mesa. Mohatsela o qaleha matsatsing a khoeli ena. Ka
khoeli ena ho thoasa naleli MORANANG; ho ntoo thoasa hape naleli e bitsoang
NAKA (Selemela se setona). Ke ka khoeli ena lijalo li qalang ho bajoa .Eka khale e
ne e le eona khoeli eo bale ba nts’uoang mophatong ka eona. Ke ka nako ena ho
besoang mollo ho besoe poone.
13. MOTS’EANONG
Khoeli ea leshome ke Motseanong.Ke khoeli ea bobeli ea ho robeha ha ngoaha. Khoeli ea
me-qhoba-ngoetsi le ea likhomo kaofela tse hlabeloang ho etsoa likobo. Motsotso oa nama e
jeoang matsatsi a maleletsana e e-s’o bole. Motsotso oa ho phunya matobo a hlomiloeng ka
Ts’itoe.
14. PHUPTJANE
Khoeli ea leshome le motso o mong ke Phuptjane. Khoeli ea mahareng a maria,
motsotsong o mobe ho liphoflo le batho. Lifate le majoang ,limela tsohle,ho joale
ka ha li ichoeletse, atheo ha lia shoa, li mpa li lebetse ka leihlo le lesesanyane
motsotso oa tsoho ea tsona. Tse lengoang le tse imeletseng kaofela , ha u li talima,
eka ho felile ‘ng’a ho tsona, li shoele.Hape khoeli ena ke ea ho kotula lijo
masimong.
15. PHUPU
Khoeli ea leshome le metso e ‘meli ke Phupu. Leha ka mabitso a tsona le Phuptjane ho
boleloa ho fuputsa (emara) ha limela, hase ntho e bonahalang hantle-ntle ho tsona ha e se
naheng e futhumalang. Ke khoeli tsa serame se sengata. Esita le naha ka khoeli tsena ha e na
ponahalo e ntle; esita le ‘mala oa batho o batla o senyeha ka baka la mohatsela.
16. LETHATHAMO LA MEHLOLI
Litaba tsohle tse tseo ke li ngotseng ka likhoeli tsa selemo ka Sesotho li hlaha bukeng ea
MEKHOA LE MAELE A BASOTHO e ngotsoeng ke AZARIELE SEKESE oa MORIJA LESOTHO.
Lits’oants’o tse hlahang tsona li tsoa GOOGLE CHROME.