2. Khomo ke phoofolo e ratoang haholo ke Basotho ho latela
makhabane a eona ao ipabolang ka ona le mesebetsi e metle ea
eona.
3. Ha mofu a le teng mohlang lepato, o hlabeloa khomo ele ho
mofelehetsa.
Ha ho etsoa mekete ea thabo ho hlajoa khomo.
Basotho ke sechaba se lumelang meetlong me ho sebelisoa
khomo ho phetha mosebetsi.
4. Ha mohlankana a nyala ho ntsuoa likhomo ho ea habo
moroetsana.
Mosali ha hlabisetsoa bohali ho hlajoa khomo.
Ha mohlankana a robile moroetsana lengole me a sa rate haba
kopangoa ka lenyalo feela a lumela molato ho pataloa likhomo
tsa Tsenyo.
5. Basotho ba lema ka khomo ho itlhaisetsa.
Khomo e sebelisoa ho patala Balisana.
Ho jaloa ka khomo le ho kofola.
6. Khomo mu! Sella moreneng ha e lla motsaneng ea ronana.
Khomo ke molimo o nko e metsi.
Khomo ha lina motloha pele.
Khomo tsa balisa lija talana.
7. Lebese
Nama
Manemane (ho eketsa liphoofolo).
Lekoko (ho etsa lieta le mekotla).
Lisu kapa likhapane ho besa mollo ho tle phehoe.